Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 17:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Mantsiboya di bakela bohle matswalo, le eso tjhabe tsona di se di nyametse! Ena ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, ke yona kabelo ya ba senyang tsa rona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 17:14
24 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: Ho itswe ke Esekiase: Tsatsi lena ke la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.


Ka bona bosiu boo, ha tswa lengeloi la Jehova, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le ditopo feela.


Ke yona kabelo ya molotsana e tswang ho Modimo, le lefa le beetsweng yena ke Modimo.


o fetile; jo! o se a le siyo; ka mmatla, a se ke a fumanwa.


hoba Jehova o emela nyewe tsa bona, mme ba ba jeleng o tla ba amoha bophelo.


Hobane ho se ho se hokae, kgalefo ya ka e tla feta, bohale ba ka bo kgelohele ho ya ba timeletsa.


Sebohodi se re: Meso e a hlaha, ho ntoo ba bosiu. Ha le rata ho botsa, botsang! Sokolohang, le boye.


Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).


Bongata ba dira tsa hao bo tla fetoha lerole le lesesane, bongata ba bahale bo be jwaloka mooko o fefolwang; taba eo e tla phakisa e hlahe hanghang.


Bongata ba ditjhaba tsohle tse tlang ho lwantsha Ariele le bohle ba patelang motse wona le qhobosheane ya wona, ba o tsietsang, ba tla ba jwaloka toro le pono ya bosiu.


Phefumoloho ya hae e jwaloka morwallo o tsholohang, o phahamileng ho isa molaleng wa motho, ho sefa ditjhaba ka sefe ya tshenyeho, ho bea tomo e kgelosang melomong ya ditjhaba.


Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.


Pelo ya hao e tla elellwa mehla ya tshoho, mme o tla re: O kae ya neng a nkile buka ya lekgetho? o kae ya neng a lekanya boima ba tjhelete? o kae ya neng a hlahloba ditora?


Hobane o rerile bakeng sa tsona; letsoho la hae le tla di arolela lefatshe, a le lekanye ka kgole; di tla le rua ka ho sa yeng kae, di phele teng kamehla le mehla.


Batho ba o tsekisang, o tla ba batla, mme o ke ke wa hlola o ba fumana; ba o lwantshang ba tla etswa lefeela, ba be jwaloka ntho e leng siyo.


Eo ke kabelo ya hao, karolo eo ke o lekanyetsang yona, ho bolela Jehova, hobane o hlile wa ntebala, mme o itshepetse leshano.


Iseraele e ne e le ntho e kgethehileng ho Jehova, dithakangwaha tsa leruo la hae; ba mo jang bohle ba ne ba na le molato, ba ne ba hlahelwa ke bobe, ho bolela Jehova.


Empa nna, ke hlobodisitse Esau, ke phahlile ditshabelo tsa hae, ha ho sa le moo a ka ipatang teng; leloko la hae le sentswe, le banababo, le ba ahisaneng le yena; o se a le siyo.


ha ba sa tla ya rema merung, ba mpa ba tla besa dibetsa; ba tla hlobodisa ba ba hlobidisitseng, ba tlatlape ba ba tlatlapileng: ho bolela Morena Jehova.


Jehova o tla rua Juda, e be kabelo ya hae naheng e kgethehileng; o sa tla ikgethela Jerusalema.


Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos