Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 13:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 E mong le e mong o tla ba jwaloka tshepe e tebelwang, le jwaloka mohlape o hlokang modisa, e mong le e mong a lebe ha habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Jwaloka kgama e balehang setsomi, jwaloka dinku tse hlokang modisa, motho ka mong o tla kgutlela tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 13:14
13 Referencias Cruzadas  

Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.


Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.


Hobane ba baleha pela marumo, pela marumo a tsomotsweng, pela diqha tse tjhehilweng, le pela ntwa e thata.


Ba tla ba jwalo kaofela bao o ikgathaditseng hakalo ho eletswa ke bona, bao o sebedisaneng le bona esale botjheng ba hao; ba tla ikela e mong le e mong ka tsela ya hae; ha ho motho ya tla o pholosa.


Empa etlare hobane dilemo tse mashome a supileng di phethehe, ke tla kgalemela morena wa Babilona le setjhaba sa teng ka bokgopo ba bona, ho bolela Jehova, ke kgalemele le lefatshe la Bakalde, ke le fetole lefeella ka ho sa feleng.


Le kgaoletse ho Babilona molemi le ya tshwarang sekele nakong ya ho kotula; pela lerumo le timeletsang, e mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.


Re kile ra oka Babilona, empa ha a fole; a re mo tloheleng, re ikeleng e mong le e mong lefatsheng la heso, hobane kahlolo ya hae e fihla mahodimong, e phahametse maru.


Morena wa Assiria, badisa ba hao ba robetse; bahale ba hao ba rapaletse; batho ba hao ba farasitse dithabeng, ha ho ya ba bokellang!


Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos