Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 10:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o re: Wena setjhaba sa ka se ahileng Sione, o se ke wa tshoha Assiria, leha a o otla ka thupa, a emisitse molamu ho wena, jwalokaha ho kile ha etswa Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o re: “Lona tjhaba sa ka se phelang Sione, le se ke la tshaba Baasiria, bona ba le otlang ka molamu, ba le phahamisetsang koto jwalokaha Egepeta e ile ya etsa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:24
28 Referencias Cruzadas  

Esaia a re ho bona: Eyang, le bolelle monga lona, le re: Ho itswe ke Jehova: O se ke wa tshaba mantswe ao o a utlwileng, ao batho ba morena wa Assiria ba nnyefotseng ka wona.


Baegepeta ba ba phallela, mme mapere le makoloi kaofela a Faro le bapalami ba hae le sera sa hae kaofela ba ba fihlela ba emisitse pela lewatle, pela Pi-Hahirothe, malebana le Baale-Tsefone.


Ba shapa balaedi ba bana ba Iseraele, ba beilweng hodima bona ke bahlahlobi ba Faro, ba re: Ke ka baka lang ha le sa ka la phetha mosebetsi wa lona wa ho etsa setene maobane le kajeno jwaloka pele?


Ho madimabe Assiria, thupa ya bohale ba ka, leha ke beile molamu wa kgalefo ya ka matsohong a hae!


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.


Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.


Na o re, Jehova o otlile Iseraele ka dikotlo tse kang tseo bahlorisi ba hae ba otlilweng ka tsona, kapa na o mmolaile jwalokaha a bolaile ba mmolaileng na?


Hobane setjhaba se tla nne se ahe Sione le Jerusalema; ha o sa na ho lla; ha a ka utlwa hobane o howeletsa ho yena, o tla o hauhela; a re a sa utlwa pitso ya hao a o arabe.


Mme hohle moo thupa ya Jehova eo a tlang ho mo otla ka yona e tlang ho ya le teng, meropa le diharepa di tla duma; mme o tla mo otla ka matla.


Ereng ho ba dipelo di tshohileng: Betang pelo, le se ke la tshaba! Bonang, Modimo wa lona o tla ka phetetso, e leng ho putsa ha Modimo; o tla tla, o le boloke.


ke ena taba eo Jehova a e bolelang hodima hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokolletsa hlooho.


Esaia a re ho bona: Le bolelle monga lona, le re: Ho itswe ke Jehova: O se ke wa tshoha mantswe ao o a utlwileng, ao bahlanka ba morena wa Assiria ba nnyefotseng ka wona.


E mong le e mong ho ba siilweng Sione, le ba setseng Jerusalema, ba tla bitswa bahalaledi, e leng bohle ba ngodilweng bukeng ya ba phelang Jerusalema;


Ke atameditse ho loka ha ka: Ha ho hole; le poloko ya ka; e ke ke ya dieha. Ke tla bea poloko ya ka Sione, le kganya ya ka hodima Iseraele.


Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.


Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.


Ke yena ya tla re batlela kgotso. Etlare ha Moassiria a kena naheng ya rona, mme a hata matlung a rona a borena, re tla bea badisa ba supileng le marena a batho a robileng meno e le mmedi ho mo thibela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos