Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Habakuke 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O a ema, mme o thothometsa lefatshe; o a tadima, mme o tlakasedisa ditjhaba; dithaba tsa kgale di a qhalana, o pharama le maralla a boholoholo. Tsela tsa hae ke tsa boholoholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 3:6
35 Referencias Cruzadas  

Dihlohonolofatso tsa ntatao di fetisitse hlohonolofatso tsa bontate moholo, di fihletse matlotlo a marallana a sa feleng; di tla dula hodima hlooho ya Josefa, hloohong ya ya kgethetsweng borena hara banababo!


ba tle ba be jwaloka dinono tse fefolwang ke moya, leha e le jwaloka mooko o nkwang ke sefefo.


O tshoha o suthisa dithaba, o di heletsa kgalefong ya wona.


Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,


O tadima lefatshe, le thothomele; o ama dithaba, di thunye mosi.


Ba be jwaloka mooko o fefolwang ke moya, lengeloi la Jehova le ba lelekise.


na lona, dithaba tse dihloro, le honohellang thaba e kgethilweng ke Modimo ho aha teng na? E, Jehova o tla aha ho yona ka ho sa feleng.


Dithaba di eso ho ka di hlaha, o eso ho bope lefatshe le dintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, esale o le Modimo.


Dithaba di qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi pela sefahleho sa Jehova, pela sefahleho sa Morena wa lefatshe lohle.


Ditjhaba ha di utlwa, di a thothomela, masisapelo a tshwere baahi ba Filisetia.


Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


O tla ba finyeletsa, o ba hlome thabeng ya lefa la hao, setsheng seo o iketseditseng sona, Jehova, hore o dule teng, sehalalelong seo matsoho a hao a se theileng, Morena.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Leha e hlabile mora, kapa moradi wa motho, e ke e etswe ka taelo eo.


Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Dithaba di sisinyeha pela hae, maralla a qhibidiha; pela hae lefatshe le a kokomoha, lefatshe la batho, le tsohle tse ho lona.


Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.


Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


mohau wa hae o melokong ya meloko ya ba mo tshabang.


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


Yanayare mohla E moholoholo a abelang ditjhaba lefa la tsona, mohla a arohanyang bana ba batho, a bea meedi ya ditjhaba ka palo ya bana ba Iseraele;


le ka tse molemo tsa dithaba tsa kgale, le ka tsa bohlokwa tsa maralla a kamehla,


Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.


Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.


Dithaba tsa sisinyeha pela Jehova, le yena Sinai pela Jehova, Modimo wa Iseraele!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos