Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Habakuke 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O reretse ntlo ya hao dihlong, ka ho rera ho timeletsa ditjhaba tse ngata, o sitetswe moya wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Merero ya hao e hlabisitse ba heno dihlong, merero ya ho bolaya ditjhaba tse ngata; kahoo o beile bophelo ba hao kotsing.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 2:10
16 Referencias Cruzadas  

Yaba morena Salomone o hlapanya ka Jehova, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha Adonija a sa lefe ka bophelo ba hae taba eo a e boletseng.


Lengolo ha le fihla ho bona ba nka bara ba morena, ba ba bolaya, e le ba mashome a supileng; ba hlomela dihlooho tsa bona ka diroto, ba di romela ho yena Jisreele.


kamoo Jehova a itseng kateng: Kannete maobane ke bone madi a Nabothe le madi a bara ba hae. Ke tla iphetetsa ho wena hona tshimong eo. Ho itswalo ke Jehova. Mo nke ke hona, o mo lahlele tshimong, jwalokaha Jehova a boletse.


athe bona ba lalla madi a bona, ba tjheha ho phela ha bona.


Bohale ba morena bo tshabeha jwaloka tau ha e puruma; ya mo halefisang o itshitelwa moya wa hae.


Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.


Le emotse jwang, mme le tla beleha mooko; phefumoloho ya lona e tla hotetsa mollo, o le tjhese.


Ho itswe ke Jehova: Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ya hlokang bana, motho ya sa tlo atleha ditshiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho wa lesika la hae ho dula teroneng ya Davida, le ho busa Juda.


Ana Esekiase, morena wa Juda, le Juda kaofela, ba kile ba mmolaya na? Na ha a ka a tshaba Jehova, a ikwahlaya pela Jehova, Jehova a ba a bakela bobe boo a neng a bo boletse bakeng sa bona na? Haele rona, re be re tla etsetsa meya ya rona bobe bo bokakang!


Ke tla mo otla yena le lesika la hae le bahlanka ba hae ka baka la bokgopo ba bona, ke ba hlahisetse e le bona, le baahi ba Jerusalema, le ba ntlo ya Juda, bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, ba mpa ba sa ka ba utlwa.


Mme jwale, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le etseditseng meya ya lona hampe hakakalo, hore ho be ho kgaolwe ka baka la lona monna le mosadi, ngwana le lesea mahareng a Juda, hore ho se ke ha sala masala a lona?


Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.


O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.


Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.


Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos