Yaba Josefa o bofa koloi ya hae, a ya kgahlanyetsa Iseraele, ntatae, Goshene; eitse ha a fihla ho yena, a wela molaleng wa hae, a lla halelele molaleng wa hae.
Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.
Haele nna, bona, ke tla thatafatsa pelo tsa Baegepeta, ba tle ba le sale morao, mme ke tla tlotleha ka Faro le ka sera sa hae kaofela, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.