6 Yaba Faro o re: Tsamaya, o ye ho pata ntatao, kamoo a o hlapantshitseng kateng.
6 Yaba Faro o re: “Nyoloha, o yo epela ntatao, jwalokaha a o hlapantshitse.”
Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.
Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.
Yaba Josefa o tsamaya ho ya pata ntatae; mme bahlanka kaofela ba Faro ba ya le yena, le matona a ntlo ya hae, le marena kaofela a lefatshe la Egepeta,