Baahi ba naha eo, Bakanana, eitse ha ba bona dikgapha tse etswang seotlong sa Athade, ba re: Bofifi bona jwa Baegepeta bo boholo. Ke ka baka lena seotlo se mose ho Jordane se reilweng Abele-Mitsraime (bofifi ba Baegepeta).
Bara ba hae ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo pata lehaheng la tshimo ya Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tshimo, hore e be setsha sa hae sa mabitla, ho Efrone, Mohete, ka nqa botjhabela ho Mamre.