Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 50:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Baahi ba naha eo, Bakanana, eitse ha ba bona dikgapha tse etswang seotlong sa Athade, ba re: Bofifi bona jwa Baegepeta bo boholo. Ke ka baka lena seotlo se mose ho Jordane se reilweng Abele-Mitsraime (bofifi ba Baegepeta).

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ha baahi ba naha eo, e leng Bakanana, ba utlwa sello sa bofifi Seotlong sa Meutlwa, ba re: “Sello sena ke se bohloko haholo ho Baegepeta!” Ka lebaka lena sebaka seo, se kamose ho Jorodane, ba se rea lebitso la Abele-Miseraime.

Ver Capítulo Copiar




Genese 50:11
10 Referencias Cruzadas  

Yaba qabang e hlaha mahareng a badisa ba mehlape ya Abrame le badisa ba mehlape ya Lota. Mehleng eo Bakanana le Baferese ba ne ba ahile naheng eo.


Abrahama a re ho yena: O se ke wa ba wa leka ho kgutlisetsa mora wa ka teng.


Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.


Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.


Bara ba Jakobo ba etsa ka yena kamoo a neng a ba laetse kateng.


Thaba tseo, ha ke re, di mose wane, ho Jordane, kamora tsela e lebileng nqa bophirimatsatsi, naheng ya Bakanana ba ahileng lehwatateng, mabapa le Gilgale, haufi le dieike tsa More?


Ntumelle hle ke fete, mme ke bone lefatshe le molemo, le mose wane ho Jordane, le thaba tseno tse molemo, le Lebanone!


Hlwella qhoweng ya Pisga, mme o ise mahlo nqa bophirimatsatsi, le nqa leboya, le nqa borwa, le nqa botjhabatsatsi, mme o bohe ka mahlo a hao; hobane haele Jordane eo, o ke ke wa ba wa e tshela.


Haele ditweba tsa kgauta, tsa eba ka ka bongata ba metse yohle ya Bafilesta e buswang ke marena a mahlano, ha ho bolelwa metse e marako, le metsana e naheng, ho ya fihla lefikeng le leholo, moo ba kileng ba bea areka ya Jehova teng; le kajeno le sa le teng tshimong ya Joshua wa Bethe-Shemeshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos