Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 49:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ba phosang ka diqha ba mo phepheditse, ba mo phositse, ba mo hlorisitse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ba fulang ka metsu ba a mo hlorisa, ba diqha ba a mo phephetsa,

Ver Capítulo Copiar




Genese 49:23
12 Referencias Cruzadas  

Yare ha ba mmona a sa le hole, a eso ho atamele, ba mo rera ho mmolaya.


ba mo nka, ba mo dihela lemeneng; mme lemena leo le ne le le feela, le se na metsi.


Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.


Eitse ha banababo ba bona hoba ntata bona o mo rata ho fetisa banababo kaofela, ba mo hloya, ba sitwa ho bua le yena ka kgotso.


Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.


Josefa ke lekala la sefata se behang, lekala la sefate se behang se pela sediba, seo makala a sona a nametseng hodima lerako.


Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.


O ratile ho nthapalatsa ka ho ntshusumetsa, empa Jehova e bile thuso ya ka.


ba leotsang maleme a bona jwaloka letlele, ba phosang mantswe a bohloko jwaloka metsu,


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios