Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 47:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 ke mpe ke phomole le bontate; o ntlose Egepeta, o ye ho mpata mabitleng a bona. A re: Ke tla etsa jwalokaha o boletse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Mohla ke shwang jwaloka bo-ntate, o nkuke, o nntshe Egepeta, o yo nkepela mabitleng a bona.” Josefa a araba, a re: “Ke tla etsa kamoo o boletseng kateng.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:30
16 Referencias Cruzadas  

Haele wena, o tla orohela ho bontatao ka kgotso, o epelwe ha o se o hodile ho hotle.


Yaba tshimo ya Efrone e Makpela, e leng pela Mamre, tshimo le lehaha le ho yona, le difate tsohle tse tshimong le moeding wohle wa yona kahohle, ho a tiiswa,


Kamora tseo, Abrahama a pata Sara, mosadi wa hae, lehaheng la tshimo ya Makpela e pela Mamre, e leng Hebrone, naheng ya Kanana.


Tshimo eo ke eo Abrahama a neng a e rekile ho bara ba Hethe: ya eba moo Abrahama a patwang teng le Sara, mosadi wa hae.


Isaaka le Ishmaele, bara ba hae, ba mo pata lehaheng la Makpela, tshimong ya Efrone, mora Tsohare, Mohethe, e pela Mamre.


Yaba Isaaka o neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo, a tsofetse, a atetswe ke matsatsi; mme Esau le Jakobo, bara ba hae, ba mo epela.


Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.


Mohlanka wa hao a mpe a kgutle, ke ye ke shwe motseng wa ka haufi le lebitla la ntate le la mme; bona, mohlanka wa hao Kimhame ke enwa, o tla tshela le morena, monga ka; o ke o mo etsetse seo o ka se ratang.


Ba lata setopo sa Asaele, ba se epela lebitleng la ntatae, Bethlehema. Yaba Joabe le banna ba hae ba tsamaya bosiu bohle; ha bo esa, ba fihla Hebrone.


o kgutlile, o bile o jele bohobe, o nwele metsi bakeng sena, seo lentswe le neng le itse ho wena: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi ho sona; ka baka leo, setopo sa hao se ke ke sa iswa lebitleng la bontatao.


Ka re ho morena: Morena a ne a phele ka ho sa feleng! Na nka tlohela ho sosobana sefahleho jwang, haele mona motse wa mabitla a bontate o senyehile, mme mamati a wona a dutse a tjhele?


Yaba ke rapela Modimo wa mahodimo, ka re ho morena: Ha morena a ka dumela, ha mohlanka wa hao a fumane mohau pela hao, o ke o nthomele Judea, motseng wa mabitla a bontate, ke tle ke boele ke o hahe.


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos