Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 47:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ebile moo Josefa a hlomang molao lefatsheng la Egepeta, ho fihlela kajenoabokajeno, hore Faro a newe karolo ya bohlano; masimo a baprista ke wona feela a sa kang a nkwa ke Faro.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Yaba Josefa o etsa molao naheng ya Egepeta, o ntseng o le teng le kajeno-ya-bokajeno, wa hore Faro a newe karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro.

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:26
11 Referencias Cruzadas  

Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.


lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.


Faro a ke a etse, a bee bahlahlobi naheng yohle, mme a nke karolo ya bohlano ya tse mediswang naheng ya Egepeta dilemong tse supileng tsa nala;


Feela, naha ya baprista a se ke a e reka, ka hoba baprista ba ne ba na le kabelo e lekantsweng ke Faro, mme ba eja kabelo ya bona eo ba neng ba e fuwa ke Faro; ke ka baka leo ba sa kang ba rekisa ka masimo a bona.


Ba re: O re pholositse! mme jwale, a re boneng mohau mahlong a morena, mme re tla ba bahlanka ba Faro.


Hape, re a le tsebisa hore, haele baprista bohle, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, le bahlanka ba ntlo eo ya Modimo, ba se ke ba ntshiswa lekgetho, leha e le sethabathaba, kapa kabelo.


Ke ya tlisa ditjhaba tse fetisang ka bobe, di tle di rue matlo a bona; ke tla kgaotsa boikakaso ba dinatla, dinqalo tsa bona tse halalelang di silafatswe.


Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.


Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.


O kgethisise karolo ya leshome ya dintho tsohle tse hlahiswang ke peo tsa hao, tse melang masimong a hao ka selemo se seng le se seng.


Etlare ha o qetile ho ntsha karolo ya leshome ya tseo o di kotulang selemong sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo ya leshome, o tla e nea Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba tle ba e je metseng ya hao, mme ba kgore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos