Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 47:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Josefa a re ho setjhaba: Bonang, ke le rekelletse Faro kajeno le masimo a lona; peo ya lona ke ena, le tle le leme naha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Yaba Josefa o re ho setjhaba: “Bonang, kajeno lona le masimo a lona ke le reketse Faro. Jwale peo ke ena, mme le tla jala masimo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:23
15 Referencias Cruzadas  

Dikgomo tse supileng tse otileng, tse mpe, tse tswileng kamora tseo, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, e tla ba dilemo tse supileng tsa tlala.


Hobane dilemo ke tsena di pedi tlala e bileng teng lefatsheng, mme ho sa tla dilemo tse hlano tseo ho lema le ho kotula ho tlang ho ba siyo ho tsona.


Feela, naha ya baprista a se ke a e reka, ka hoba baprista ba ne ba na le kabelo e lekantsweng ke Faro, mme ba eja kabelo ya bona eo ba neng ba e fuwa ke Faro; ke ka baka leo ba sa kang ba rekisa ka masimo a bona.


Etlare mohla ho kotulwang, karolo ya bohlano le tla e nea Faro, mme karolo tse nne e tla ba tsa lona bakeng sa ho jala masimo le sa ho le fepa le ba matlo a lona, le sa ho fepa bana ba lona.


Ho lehlohonolo ya fanang, ya adimanang; nyewe ya hae e tla emelwa kahlolong.


Ho lehlohonolo ya hlokomelang ya lesitsi!


Ya hanang le mabele a hae, o tla rohakwa ke batho; empa ya dumelang ho rekisa ka wona, o na le hlohonolofatso hloohong ya hae.


Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.


Tshimo ya mofutsana e bea dijo tse ngata; tshimo e nngwe e a nyopa ha e ruilwe ke ya hlokang ho loka.


Jala peo ya hao e sa le hosasa, matsoho a hao o se ke o a a neela sebaka mantsiboya; hobane ha o tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba di tla mela hantle tse pedi.


Hobane jwalokaha pula le lehlwa di theoha lehodimong, mme di sa kgutlele teng di eso ho nosetse lefatshe, le ho le behisa, le ho le medisa, le tle le ntshetse mojadi peo, le moji bohobe;


Ana ke mang mohlanka ya kgabane, ya bohlale, eo morena wa hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae ho ba nea dijo nakong ya teng?


Ya baballang mojadi ka peo, le motho ka bohobe a tle a je, o tla le sitsa, mme a le atisetse se jalwang ke lona, mme a totise ditholwana tsa ho loka ka ho lona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos