Genese 45:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)27 Yaba ba mo phetela mantswe wohle a Josefa, ao a ba boleletseng wona; eitse ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho mo lata, pelo ya Jakobo, ntata bona, ya boela ya hlaphoha. Ver CapítuloBIBELE27 Empa eitse ha ba mmolella dipolelo tsohle tseo Josefa a di buileng ho bona, le ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho tla mo lata, a tsoha molota. Ver Capítulo |
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.