Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 45:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba bara ba Iseraele ba etsa jwalo, mme Josefa a ba nea makoloi ka taelo ya Faro, a ba fa le mefaho ya tsela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Bara ba Iseraele ba etsa jwalo. Josefa a ba nea makoloi ho ya ka taelo ya Faro, a ba nea le mofao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 45:21
12 Referencias Cruzadas  

Mme, jwale, o filwe tokelo ke nna, etsang hona: nkang naheng ya Egepeta makoloi a latang bana ba lona, le basadi ba lona; mme le nke ntata lona, le tle.


Le se ke la qenehela mesebetsi ya lona, hobane tsohle tse ntle tsa lefatshe lohle la Egepeta ke tsa lona.


Yaba ba mo phetela mantswe wohle a Josefa, ao a ba boleletseng wona; eitse ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho mo lata, pelo ya Jakobo, ntata bona, ya boela ya hlaphoha.


Yaba Jakobo o tloha Beerseba, mme bara ba Iseraele ba tsamaisa Jakobo, ntata bona, le bana ba bona, le basadi ba bona, ka makoloi ao Faro a a rometseng ho ba lata.


Ka tsatsi lona leo, ha lokiswa tshebeletso yohle ya Jehova, ho etsa Paseka le ho hlahisa ditjheso aletareng ya Jehova, ka taelo ya morena Josiase.


ka tsatsi le leng le le leng a nna a hlabela ho yona tse laetsweng ke Moshe, tsa Disabatha, le tsa kgwedi tse thwasang, le tsa mekete e beilweng, hararo ka selemo, e leng mokete wa Mahobe a se nang ditomoso, le mokete wa Diveke, le mokete wa Metlotlwane.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.


Ke re: Boloka taelo ya morena ka baka la kano eo o e entseng pela Modimo.


Jehova o lokile, hobane ke ikgantsheditse ditaelo tsa hae. Mamelang hle, ditjhaba kaofela, le bone bohloko ba ka; barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kgolehong.


Ba ya tla ho wena ka dibetsa le ka makoloi le ka mabidi, le ka letshwele la ditjhaba, ka thebe le thejana le heleme; ba tla o teela hare. Ke tla bea kahlolo pela bona, ba o ahlole ka mokgwa wa bona;


Yaba Moshe o a ba ngola ka taelo ya Jehova, le kamoo a neng a laetswe kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos