Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!
Haele wena, bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a matsohong a hao; leha o ka rata ho tla le nna Babilona, o ka tla, ke tla nne ke o ele sedi; empa ha ekaba o sa rate ho tla le nna Babilona, o ka lesa. Tadima, naha kaofela e pela hao, moo ho ka bang molemo, ho leng hotle ho wena ho ya teng, o ka ya.
leha ba ya kgolehong, ba qhojwa ke dira tsa bona, le teng ke tla laela lerumo hore le ba bolaye; mme ke tla ba tjamela ho ba etsa hampe, e seng ho ba etsa hantle.