Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 43:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Yena a re: “Kgobang matshwafo; se tshabeng! Modimo wa lona, le Modimo wa ntata lona, ke yena ya le neileng letlotlo leo le ka mekotleng ya lona. Ke ile ka amohela tjhelete ya lona.” Jwale a ba tlisetsa Simeone.

Ver Capítulo Copiar




Genese 43:23
17 Referencias Cruzadas  

Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.


A re ho banababo: Tjhelete ya ka ke e buseditswe, ebile ke ena mokotleng wa ka! Yaba pelo tsa bona di a tepella, ba bolellana ba tshohile, ba re: Na Modimo o re etseditseng taba ena?


Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.


Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!


Re bile re tlisitse le tjhelete e nngwe matsohong a rona ho tla reka dijo; ha re tsebe hore a ke mang ya buseditseng tjhelete ya rona mekotleng ya rona.


Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.


Yaba morena o romela karabo e reng: Ho Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le ho Shimshai, mongodi, le ho balekane ba bang ba bona ba ahileng Samaria, le ho ba bang ba mose wane ho noka, kgotso e be teng! Jwalojwalo.


Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena.


Ba re ba sa bolela tseo, Jesu a hla a ema hara bona ka sebele sa hae, a re ho bona: Kgotso e be le lona!


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.


Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!


Monna ya tsofetseng, a re: Kgotso e be le wena! tsohle tseo o di hlokang, ke nna ke tla o batlela tsona. Feela, o se ke wa robala bosiu lepatlelong.


Jehova a re ho yena: Kgotso e be ho wena! O se ke wa tshaba; ha o ka ke wa shwa.


Le re ho yena: Kgotso e be ho wena ho pheleng, kgotso e be ho ba ntlo ya hao, kgotso e be le ho tsohle tsa hao!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios