Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 43:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 yare ha re fihla moo ho robalwang, ra lokolla mekotla ya rona; ra tshoha tjhelete ya e mong le e mong e le molomong wa mokotla wa hae, tjhelete ya rona ka tekanyo ya yona, mme re boetse re e tlisitse matsohong a rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Yare ha re fihla moo re robaleditseng teng, re qhaqholla mekotla ya rona, e mong le e mong wa rona a fumana tjhelete ya hae ka molomong wa mokotla wa hae, e ntse e le boimeng ba yona ba pele; jwale re e kgutlisitse.

Ver Capítulo Copiar




Genese 43:21
12 Referencias Cruzadas  

Le nkeng le tjhelete e nngwe hape matsohong a lona, le tjhelete e kgutliseditsweng melomong ya mekotla ya lona le e kgutliseng; ekaba e ne e le kgakang.


Yaba banna bao ba nka nyehelo eo, ba nka le tjhelete e nngwe hape matsohong a bona, ba nka le Benjamine, ba tloha, ba ya Egepeta, ba hlaha pela Josefa.


ba re: Oho monghadi, re fela re ne re tlile la pele ho tla reka dijo;


Re bile re tlisitse le tjhelete e nngwe matsohong a rona ho tla reka dijo; ha re tsebe hore a ke mang ya buseditseng tjhelete ya rona mekotleng ya rona.


Hle ke moo tjhelete eo ra nang ra e fumana melomong ya mekotla ya rona re hlile re e buseditse ho wena ha re etswa naheng ya Kanana; a re ne re ka utswa jwang silefera kapa kgauta ka tlung ya morena wa hao na?


Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle.


Le se ke la ba le molato ho motho, haese wa ho ratana; hobane ya ratang ba bang ke yena ya phethileng molao.


Re rapelleng; re fela re kgolwa hoba re na le letswalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Le be le letswalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, jwaloka hoja le le disenyi, bona bao ba sebang metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos