Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 42:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 A re ho banababo: Tjhelete ya ka ke e buseditswe, ebile ke ena mokotleng wa ka! Yaba pelo tsa bona di a tepella, ba bolellana ba tshohile, ba re: Na Modimo o re etseditseng taba ena?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Yaba o re ho bana babo: “Tjhelete ya ka e kgutlisitswe; ke ena ka mokotleng wa ka!” Ba sehwa ke letswalo, mme ba buisana ba tshohile, ba re: “Ke eng ee, eo Modimo a e entseng ho rona?”

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:28
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Isaaka o a nyaroha, a tshoha haholo ka ho fetisisa, a re: Ke mang ya tsomileng phoofolo, a e tlisa ho nna, mme ka ja tsohle o eso ho tle, ka ba ka mo hlohonolofatsa, mme o tla fela a hlohonolofale?


Yare ha ba fihla ho Jakobo, ntata bona, naheng ya Kanana, ba mo tsebisa tsohle tse ba hlahetseng, ba re:


Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.


A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.


le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa matona a hae, le diaparo tsa wona, le baqhatsetsi ba hae, le methathinyana eo a nyolohelang tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,


Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!


Ka bulela moratuwa wa me, empa moratuwa wa me o ne a se a tlohile, a ile; moya wa me o ne o idibana ha a bua le nna; ka mmatla, mme ha ke a ka ka mmona; ka mmitsa, mme ha a ka a araba.


Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.


Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.


Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


Batho ba tla neela moya ke tshabo le ke tebello ya tse tla tla lefatsheng; hobane tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Ha o ka ke wa fumana kgatholoho hara ditjhaba tseo, mme bohato ba leoto la hao bo tla hloka phomolo; hobane hona teng Jehova o tla o nea pelo e thothomelang, le mahlo a bolea, le moya o tepeletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios