Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 42:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Rubene a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le bolella, ka re: Se etseng sehloho ka ngwanabo lona, la mpa la hana ho utlwa? Ke mona madi a hae a latilwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Yaba Rubene o a ba araba, o re: “Na ke ne se ke ke le bolella hore le se ke la sitelwa mohlankanyana, empa la se ke la mamela? Bonang jwale, madi a hae a batlwa ho rona.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:22
19 Referencias Cruzadas  

Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.


Empa ba ne ba sa tsebe hobane Josefa o a ba utlwa; hobane o ne a buisana le bona ka motoloki.


Yaba Josefa o re ho banababo: Ke nna Josefa; a ntate o sa phela na? Empa banababo ba sitwa ho mo araba, hobane ba ne ba sisimoloha ha ba mmona.


Yare ha banababo Josefa ba bona hoba ntata bona o shwele, ba bolellana, ba re: Jwale Josefa o tla re hloya, a busetse ho rona bobe bohle boo re kileng ra mo etsa bona?


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.


Morena Joase ha a ka a elellwa molemo oo Jehojada, ntata Sakaria, a neng a mo etseditse wona; a bolaya mora wa hae; mme eo, ho shweng ha hae, a re: Jehova a ke a bone, mme a ahlole!


hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.


Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.


Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.


Ba bonahatsa hobane mosebetsi wa molao o ngodilwe dipelong tsa bona, ba ntse ba pakelwa ke letswalo le ke mehopolo ya bona e ba kgalemelang, kapa e ba emelang,


Ya isang ba bang kgolehong, o tla ya kgolehong le yena; mme ekare ha motho a bolaya ka lerumo, e ka kgona le yena a bolawe ka lerumo. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi.


Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.


Ha ho le jwalo, Jonathane a bua hantle bakeng sa Davida ho Saule, ntatae, a re ho yena: Morena a se ke a sitelwa mohlanka wa hae Davida, etswe a sa ka a o sitelwa ka letho, le diketso tsa hae di o thusitse haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos