Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 42:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ha ekaba le fela le le batho ba sebele, e mong wa lona, ngwanabo lona, ha a ke a sale tlung ya teronko ya lona, mme lona le tsamaye, le isetse ba habo lona ba tlaleng koro,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 haeba le batho ba nnete, siyang e mong wa lona tjhankaneng, lona le tsamaye, le ise dijo malapeng a lona a lapang.

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:19
13 Referencias Cruzadas  

A ba neela hore ba bolokwe tlung ya molaodi wa balebedi, tlung ya teronko, moo Josefa a keneng teronkong teng.


Tlala e ne e aparetse naha yohle; yaba Josefa o bula mediko kaofela, a rekisa ho Baegepeta; mme tlala ya nna ya tota lefatsheng la Egepeta.


Kaofela ha rona re bara ba monna a le mong, re batho ba sebele, bahlanka ba hao, ha re dihlwela.


Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.


le ntoo ntlisetsa ngwanabo lona e monyenyane, mantswe a lona a tle a netafale, le tle le se ke la shwa. Mme ba etsa jwalo.


Yaba ba belesa diesele tsa bona koro, ba tloha.


Monna eo, e leng morena wa naha, a re ho rona: Moo ke tlang ho tseba hoba le batho ba sebele, ke ha le ka tlohela e mong wa banababo lona ho nna, mme la nkela ba matlo a lona ba tlaleng dijo, la ikela;


Ho ntatae a romela diesele tse leshome, di belesitse mesebetsi ya Egepeta e fetisang ka botle, le diesele tse tshehali tse leshome di belesitse koro, le bohobe, le mefaho ya ntatae ya tsela.


Leha ho le jwalo, ke setjhaba se hapetsweng, se senyeditsweng, ba tlamilwe ka ditshepe mahaheng, ba hlahletswe diteronkong; ba neetswe ho hlakolwa dintho, mme ha ho mmoloki; ba hapilwe, mme ha ho motho ya reng: Busetsa!


ho tutubolla mahlo a difofu, ho ntsha ba holehilweng kgolehong, le ba dutseng lefifing teronkong.


Yaba baholo ba hlwenyetsa Jeremia, ba mo otla, ba mo isa tlung ya teronko, ka tlung ya Jonathane mongodi, hobane ba ne ba e entse teronko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos