Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 42:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ka letsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: “Etsang tjena, le tle le phele, hobane ke tshaba Modimo:

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:18
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o re: Ke hobane ke itse: Eka ha ho tshajwe Modimo motseng ona, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.


ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?


Ha ekaba le fela le le batho ba sebele, e mong wa lona, ngwanabo lona, ha a ke a sale tlung ya teronko ya lona, mme lona le tsamaye, le isetse ba habo lona ba tlaleng koro,


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


Yaba ke re: Seo le se etsang hase setle. Ha ke re, le ne le tshwanetse ho tsamaya tshabong ya Modimo wa rona, re tle re se ke ra kgoptjwa ke ditjhaba tseo e leng dira tsa rona?


Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.


Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ha ba ka ba etsa kamoo morena wa Egepeta a neng a ba laetse kateng, empa ba tlohela bashanyana hore ba phele.


O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.


Ho se ke ha eba e mong hara lona ya jang wa habo; o tshabe Modimo wa hao, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


O se ke wa mmusa ka thata, o mpe o tshabe Modimo wa hao.


A re: Moahlodi o ne a le teng motseng o itseng, ya sa tshabeng Modimo, mme le batho a sa re letho ka bona.


A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos