Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 42:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le dihlwela! Le tla lekwa ka taba ena: Ka bophelo ba Faro, ha le ka ke la tswa mona, haese hoba moenalona e monyenyane a tle kwano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Le tla nkgodisa tjena: Ke hlapanya ka Faro ya phelang, ha le ka ke la tloha mona, haese haeba moena lona wa ho fela a ka tla mona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:15
19 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Tjhe bo, le mpa le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.


Josefa a re ho bona: Ke yona taba eo ke le boleletseng yona, ka re:


Romang e mong wa lona, a ye ho lata moena lona; haele lona, le tla sala le tlamilwe, hore ho tle ho bonahale hore na nnete e teng mantsweng a lona. Ha ho se jwalo, ka bophelo ba Faro, etlaba le dihlwela.


le ntoo ntlisetsa ngwanabo lona e monyenyane, mantswe a lona a tle a netafale, le tle le se ke la shwa. Mme ba etsa jwalo.


Monna eo, e leng yena morena wa naha, o buile le rona kathata, a re, re tlile ho hlwela naha;


la ntoo ntlisetsa ngwanabo lona e monyenyane; mme ke hona ke tla tseba hoba ha le dihlwela, le mpa le le batho ba sebele, ke tswe ke le nea ngwanabo lona, mme le tsebe ho hweba naheng ena.


Josefa a bona banababo, a ba tseba, empa a iketsa motho ya sa ba tsebeng; a bua le bona ka matla, a re ho bona: Le tswa kae? Ba re: Re tswa naheng ya Kanana; re tlile ho reka dijo.


empa ha o sa mo rome, re ke ke ra theoha, hobane motho eo o itse ho rona: Le ke ke la bona sefahleho sa ka, ha ngwanabo lona a se ho lona.


Leha ba re: Jehova o a phela, leha ho le jwalo, ba ana ka leshano.


Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


Haholoholo, banabeso, se hlapanyeng, leha e le ka lehodimo, leha e le ka lefatshe, leha e le ka kano efe le efe; empa e ya lona e ke e be e, le tjhe ya lona e be tjhe, le tle le se ke la tshoha le wela kahlolong.


Anna a re: Monghadi, ka moya wa hao o phelang, monga ka, ke nna mosadi yane, ya na beng a eme hona mona pela hao, a rapela Jehova.


Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos