Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
Yaba o bokella dijo kaofela tsa dilemo tse supileng, tse nnileng tsa eba teng fatsheng la Egepeta, a boloka dijo metseng, a bea motseng o mong le o mong dijo tsa naha e ka mathoko.
Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.