Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 A mo dudisa koloing e hlahlamang ya hae, mme ha hoeletswa kapele ho yena, ha thwe: Inamang! mme a mmea hodima lefatshe lohle la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!” Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:43
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o ntsha lesale la hae monwaneng wa hae, a le kenya monwaneng wa Josefa, mme as mo hlopha ka masela a lene a tshesane, a mo rwesa letjekwana la kgauta molaleng.


Faro a re ho Josefa: Ke nna Faro, mme haese ka taelo ya hao, ha ho motho ya ka emisang letsoho la hae, kapa leoto la hae naheng yohle ya Egepeta.


Monna eo, e leng yena morena wa naha, o buile le rona kathata, a re, re tlile ho hlwela naha;


Monna eo, e leng morena wa naha, a re ho rona: Moo ke tlang ho tseba hoba le batho ba sebele, ke ha le ka tlohela e mong wa banababo lona ho nna, mme la nkela ba matlo a lona ba tlaleng dijo, la ikela;


Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.


Ba mo tsebisa, ba re: Josefa o sa phela, mme ebile ke yena molaodi wa lefatshe lohle la Egepeta. Empa pelo ya hae ya idibana, kahobane a sa kgolwe ke bona.


Mme jwale, hase lona le nthometseng kwano, ke Modimo; o mpeile hore ke be ntata Faro, le morena wa ntlo ya hae yohle, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.


Banababo ba itlisa ka sebele, ba itihela pela hae, ba re: Bona, re bafo ba hao.


Ha ya le yena makoloi le ba dipere, letshwele ya eba le leholoholo.


Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.


Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.


Efela ya jwalo o tlile ho rena, a etswa tlung ya baholehuwa; o ne a hlahile ka bofutsana mmusong wa hae.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


hore lebitsong la Jesu, mangwele wohle a ba mahodimong, le lefatsheng, le katlase ho lefatshe, a kgumame;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos