Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 40:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa etlere ha ho dutse hantle le wena, o nkgopole, o nketsetse ka mohau, o mpuelle ho Faro, o tle o nntshe tlung ena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 40:14
9 Referencias Cruzadas  

ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro a ntoo emisa hlooho ya hao, a o busetsa kabelong ya hao, mme o tla neela Faro senwelo letsohong la hae ka mokgwa wa pele, ha o ne o sa le moqhatsetsi wa hae.


Yaba molaodi wa baqhatsetsi o bua le Faro, a re: Melato ya ka ke e eleditswe kajeno.


Jwale Davida a re: Na ha ho sa le le a mong ya siilweng wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau ka baka la Jonathane na?


Haele bana ba Barsillai wa Gileade, o ba etsetse ka lereko, ba dule le ba jang tafoleng ya hao; hobane ba tlile ho nna ka lereko, mohla ke balehelang ngwaneno Absalome.


Yaba se re ho Jesu: Morena, o nkgopole ha o kena mmusong wa hao!


Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona.


Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,


ha ke re, taba eo ya ho ya tsholla madi, ho se molato, le ho iphetetsa, e tla ba kgopiso ho wena le ntho e hlabang pelo ya monghadi na? Etlere hobane Jehova a o etsetse hantle, monghadi, o tle o hopole lekgabunyane la hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios