Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 40:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro a ntoo emisa hlooho ya hao, a o busetsa kabelong ya hao, mme o tla neela Faro senwelo letsohong la hae ka mokgwa wa pele, ha o ne o sa le moqhatsetsi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Kamora matsatsi a mararo Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o busetse mosebetsing wa hao, mme o tla nea Faro senwelo sa hae letsohong jwaloka pele, ha o ne o le moqhatsetsi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 40:13
8 Referencias Cruzadas  

Yare kamora ditaba tsena, moqhatsetsi wa morena wa Egepeta le moapehedi wa hae ba sitelwa mong a bona, morena wa Egepeta.


Yaba Josefa o re ho yena: Phuthollo ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo;


Empa etlere ha ho dutse hantle le wena, o nkgopole, o nketsetse ka mohau, o mpuelle ho Faro, o tle o nntshe tlung ena.


Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho holehuwa ha Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, a ntsha Jojakine, morena wa Juda, teronkong, e le ka selemo seo a qalang ho busa ka sona.


Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa kgoleho ya Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, selemong seo a qadileng ho busa ka sona, a emisa hlooho ya Jojakine, morena wa Juda, a mo ntsha teronkong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos