Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 39:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o bua le yena ka polelo tsa hore hoitseng, a re: Mohlanka wa Moheberu eo o mo tlisitseng ho rona, o ile a tla ho nna ho bapala ka nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 A mmolella wona mantswe ao, a re: “Mohlanka enwa wa Moheberu, eo o re tliseditseng yena, o ile a kena ka ho nna ho tla mpeta,

Ver Capítulo Copiar




Genese 39:17
15 Referencias Cruzadas  

a bitsa batho ba ntlo ya hae, a ba bolella, a re: Bonang, ho tlisitswe monna wa Moheberu ho rona ho bapala ka rona. O tlile ho nna, a re, o robala le nna, mme ka hoeletsa ka lentswe le leholo;


A boloka kobo ya Josefa pela hae, ho fihlela mong a hae ha a etla hae.


Yare ha ke phahamisa lentswe la ka, ke bitsa, a siya kobo ya hae ho nna, a balehela ntle.


Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?


Ba bolotsana ba tsomotse marumo, ba tjhehile diqha ho diha mohlomohi le mofumanehi, ho bolaya ba metsamao e lokileng;


ha ke utlwa lentswe la sera, ke le katlasa botubo ba molotsana; hobane ba ntshela ka bobe, ba ntlhorisa ka bohale.


O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.


O se ke wa tsamaisa taba ya leshano. O se ke wa emela e mobe, hore o be paki ya bohata bo etswang ke yena.


Molomo wa nnete o tla tiya ka ho sa feleng; empa leleme le bohata ke la motsotso o kang ha ke panya.


Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo, mme motho ya mano a ke ke a phonyoha.


Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo; ya bolelang mashano o tla timela.


Leleme le leshano le hloile ba hlabilweng ke lona, mme molomo o qekisang o hlahisa tshenyeho.


Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos