Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 37:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A lora toro e nngwe hape, a e bolella banababo, a re: Bonang, ke boetse ke lorile toro: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di inama pela ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 A boela a lora toro e nngwe, mme a e phetela bana babo, a re: “Mamelang, ke lorile toro e nngwe hape: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di nkgumamela.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 37:9
19 Referencias Cruzadas  

Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.


A bolella ntatae le banababo; yaba ntatae o a mo kgalemela, a re ho yena: Keng toro eo o e lorileng? Hleka ruri nna, le mmao, le banabeno, re tla tla, re inamele fatshe pela hao na?


Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.


Yaba banababo ba re ho yena: Hleka o re, o tla rena hodima rona na? kapa o tla fela o re buse na? Ba eketsa ho mo hloya ka baka la ditoro tsa hae, le ka baka la dipolelo tsa hae.


Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.


Ha toro e kile ya phetelwa Faro habedi, ke ho re, ke taba e tiisitsweng ke Modimo, mme Modimo o tla phakisa o e phethe.


Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.


Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.


Ba re: Mohlanka wa hao, ntata rona, o dutse hantle, o sa ntse a pholohile. Ba inama, ba kgumama.


Juda le banababo ba tla tlung ya Josefa, hobane o ne a sa ntse a le teng, mme ba itihela fatshe pela hae.


Morena ka o kile a botsa bahlanka ba hao, a re: A le na le ntata lona, kapa ngwanabo lona na?


Phakisang le ye ho ntate, le re ho yena: Mora hao, Josefa, o re: Modimo o nkentse morena wa Egepeta yohle; theoha, o tle ho nna, o se ke wa dieha!


Yaba Josefa o bofa koloi ya hae, a ya kgahlanyetsa Iseraele, ntatae, Goshene; eitse ha a fihla ho yena, a wela molaleng wa hae, a lla halelele molaleng wa hae.


Josefa a otla ntatae ka bohobe, le banababo, le ntlo ya ntatae kaofela, a ba lekanyetsa ka bongata ba bana.


la lelefala ho isa makgotleng a lehodimo, la dihela makgotla a mang le dinaledi tse ding fatshe, la di hatakela;


A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.


le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos