Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 37:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba banababo ba re ho yena: Hleka o re, o tla rena hodima rona na? kapa o tla fela o re buse na? Ba eketsa ho mo hloya ka baka la ditoro tsa hae, le ka baka la dipolelo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 37:8
19 Referencias Cruzadas  

Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Eitse ha banababo ba bona hoba ntata bona o mo rata ho fetisa banababo kaofela, ba mo hloya, ba sitwa ho bua le yena ka kgotso.


A lora toro e nngwe hape, a e bolella banababo, a re: Bonang, ke boetse ke lorile toro: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di inama pela ka.


Ba re ho yena: Tjhe, morena, re bahlanka ba hao ba tlileng ho reka dijo.


Yaba Juda o mo atamela, a re: Oho, morena, mohlanka wa hao a ke a bue lentswe le le leng ditsebeng tsa morena wa ka, mme bohale ba hao bo se ke ba tukela mohlanka wa hao, hobane o lekana le Faro.


Dihlohonolofatso tsa ntatao di fetisitse hlohonolofatso tsa bontate moholo, di fihletse matlotlo a marallana a sa feleng; di tla dula hodima hlooho ya Josefa, hloohong ya ya kgethetsweng borena hara banababo!


Banababo ba itlisa ka sebele, ba itihela pela hae, ba re: Bona, re bafo ba hao.


Lejwe le lahlilweng ke bahahi, le fetohile lejwe la ntlha, la motheo.


Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa.


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


A mpa a ba tjamela, a re: Mme ke eng hona ho ngodilweng: Lejwe le lahlilweng ke dihahi, ke lona le entsweng la motheo la sekgutlo?


Moshe eo ba neng ba mo nyatsitse, ba re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Ke yena ya kileng a rongwa ke Modimo, hore e be morena le monamoledi wa bona, ka letsoho la lengeloi le kileng la hlaha ho yena sehlahleng.


le ka tse molemo tsa lefatshe, le ka ho tlala ha lona; mme mohau wa ya hlahileng sehlahleng o tle o dule hloohong ya Josefa, hloohong ya eo e leng morena hara banababo.


ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!


Saule a hlonama haholo ke hona, mme ntswe leo la mo kgobohetsa, a re: Ba neile Davida mashome a dikete, mme nna ba nneile dikete feela; jwale, ha a sa hloka letho, haese mmuso feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos