Leloko la Esau, e leng yena Edomo, ke lena: Esau o ne a inkele basadi ba hae ho baradi ba Kanana: Ada, moradi wa Elone, Mohethe; le Oholibama, moradi wa Ana, moradi wa Tsibeone, Moheve;
Ba bang ho bona, ba bara ba Simeone, e le banna ba makgolo a mahlano, ba futuhela thaba ya Seire, ba laotswe ke Pelathia, Nearia, Refaia, le Usiele, bara ba Jishei.
Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,
Bana ba Ammone le Bamoabe ba lwantsha ba ahileng thabeng ya Seire ho ba neela anathema le ho ba timetsa; mme eitse hobane ba qetele ho timetsa baahi ba Seire, ba tlatsana ho timetsana ba nnotshi.
Hape, le Bajuda kaofela ba neng ba le Moabe, le setjhabeng sa bana ba Ammone, le Edomo, le ba neng ba le mafatsheng wohle a kamathoko, ba utlwa hobane morena wa Babilona o sietse Juda masala, le hobane o beile Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, modisa wa bona.
Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!
Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?
Jehova o ne a etse jwalo le bakeng sa bana ba Esau ba ahileng Seire, mohla a fedisang Bahore pela bona, ba ba ba ba lelekisa; ba ile ba aha tulong tsa bona ho fihlela kajeno.
le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.
Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.