Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 33:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Esau a re: Ke se ke na le tse ngata, ngwaneso; tsa hao e be tsa hao!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Empa Esau a re: “Ha ke hloke letho ngwaneso, ipolokele seo a nang le sona.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 33:9
13 Referencias Cruzadas  

Isaaka, ntatae, a mo arabela, a re ho yena: Bona, moaho wa hao o tla hloka lefura la lefatshe, le phoka ya lehodimo e tswang hodimo.


empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.


Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Yaba Jakobo o re: Tjhe bo, ke a o rapela, ha ke fela ke fumane mohau mahlong a hao, ako amohele nyehelo ya ka letsohong la ka, etswe ke tadimile sefahleho sa hao, jwalokaha motho a tadima sefahleho sa Modimo, mme wa nthabela.


Jehova a re ho Kaine: Abele ngwaneno o kae? Kaine a re: Ha ke tsebe; a ke modisa wa ngwaneso na?


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Kwidi e na le baradi ba babedi, ba llang kamehla, ba re: Mphe! mphe! Ntho tse tharo di teng tse sa kgoreng, nka re, di nne, tse sa reng le ka mohla o le mong: Ho lekane!


Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.


Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.


Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.


e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!


Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos