Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 33:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 33:11
21 Referencias Cruzadas  

Monna eo a rua haholoholo, a ba le mehlape e mengata, le bahlanka ba batshehadi, le bahlanka ba batona, le dikamele, le diesele.


Yaba nyehelo e mo etella pele, mme yena a sala le thoto ka bosiu boo.


Yaba Jakobo o re: Tjhe bo, ke a o rapela, ha ke fela ke fumane mohau mahlong a hao, ako amohele nyehelo ya ka letsohong la ka, etswe ke tadimile sefahleho sa hao, jwalokaha motho a tadima sefahleho sa Modimo, mme wa nthabela.


Esau a re: A re tloheng, re tsamaye, mme ke tla o etella pele.


Esau a re: Ke se ke na le tse ngata, ngwaneso; tsa hao e be tsa hao!


Empa ba mo phehella, a ba a swaba, a re: Le ka romela. Ba roma banna ba mashome a mahlano, ba batla ka tshiu tse tharo, ba se ke ba mmona.


Naamane a re: Dumela ho nka talenta tse pedi. A mo phehella, a phuthela talenta tse pedi tsa silefera mekotleng e mmedi, a mo nea le diaparo tse pedi tsa mokete, a di jarisa bahlankana ba hae ba babedi; ba di jara pela Gehasi.


Morena a re ho mohlanka: Tswela ditseleng le pela metero, mme o kganne batho, ba kene, ntlo ya ka e be e tlale.


Ha ho le jwalo, motho a se ke a ithorisa ka batho; hobane tsohle ke tsa lona,


jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.


Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.


Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.


A re: Nnee mpho, hobane o nneile naha nqa borwa; nnee le didiba tsa metsi. A mo nea didiba tse kahodimo le tse katlase.


Yena a re: Ntshitse ka ho hong; hobane o nneile naha e lebileng nqa borwa; mphe le didiba. Kahoo, Kalebe a mo nea didiba tse kahodimo, le didiba tse katlase.


Mpho ke ena eo lekgabunyane la hao le tlileng le yona ho monghadi; e ke e newe bahlankana ba tsamayang le monga ka.


Eitse ha Davida a fihlile Tsiklage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda le ho bahabo, a re: Ke yona kgapiso ya ka ho lona ya tse hapilweng ho dira tsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos