Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 30:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Monna eo a rua haholoholo, a ba le mehlape e mengata, le bahlanka ba batshehadi, le bahlanka ba batona, le dikamele, le diesele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki.

Ver Capítulo Copiar




Genese 30:43
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o etsa Abrame hantle ka baka la Sarai, mme Abrame a rua dinku, le dikgomo, le diesele, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le diesele tse tshehadi, le dikamele.


Abrame o ne a ruile makgomo, le silefera, le kgauta haholoholo.


Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.


Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.


Hobane o ne o na le ntho di se kae, ha ke eso ho tle, empa jwale, di atile haholo, mme Jehova o o file lehlohonolo haesale ke etla; mme jwale, ntlo ya ka yona ke tla e sebeletsa neneng?


Empa haele dinku tse fokolang, a se ke a di bea; ya eba moo tse fokolang e bang tsa Labane, tse tiileng ya eba tsa Jakobo.


Jakobo a utlwa dipolelo tsa bara ba Labane, ba re: Jakobo o inketse ntho tsa ntata rona kaofela, mme o ruile letlotlo lena lohle ka tsa ntata rona.


Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.


ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


dipodi tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi, dinku tse tshehadi tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi:


ke bone dikgomo, le diesele, le dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke romela ho tsebisa morena ka, hore ke tle ke fumane mohau mahlong a hao.


Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Hobane maruo a bona a ne a le maholo, a ba sitisa ho aha hammoho, mme naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e sa ba lekane ka baka la mehlape ya bona.


Ka rua bafo ba banna le ba basadi; kantle ho bao, ba bang ya eba ba tswaletsweng ha ka tlung; hape, ka rua mehlape e meholo ya dikgomo le ya dinku, ho feta bohle ba bileng teng pele Jerusalema.


ha ba sa tla ya rema merung, ba mpa ba tla besa dibetsa; ba tla hlobodisa ba ba hlobidisitseng, ba tlatlape ba ba tlatlapileng: ho bolela Morena Jehova.


Empa ekare ha mohlanka eo a ka bua pelong ya hae, a re: Morena wa ka o diehile ho tla; mme jwale a qala ho otla bahlanka ba batona le ba batshehadi, a eja, a enwa, a tahwa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos