Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 30:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 ke tla lekola mehlape ya hao kaofela kajeno, ke kgethe ho yona nku tsohle tse tsasana, le tse thoboshana, le nku tsohle tse nang le bokgunwana mohlapeng wa dinku, le dipodi tse tshasana, le tse thoboshana, mme e tla ba wona moputso wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Ke tla hlahloba mohlape wohle wa hao kajeno, ke kgethe dinku tsohle tse tshasana, le tse thoboshana, le dikonyana tsohle tse ntsho, le dipodi tse rolo le tse pudutswana. Tseo he, e tla ba tsona moputso wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Genese 30:32
5 Referencias Cruzadas  

Labane a re: Ke o neeng? Jakobo a re: O se ke wa nnea letho; empa ha o ka nketsetsa kamoo ke tla o bolella kateng, ke tla boela ke dise mehlape ya hao, ke e boloke:


Ke moo ho loka ha ka ho tla nkemela mehleng e tlang, mohla o tlang ho bona moputso wa ka; e nngwe le e nngwe e seng tshasana, kapa thoboshana hara dipodi, le e seng kgunwana hara dinku tsa ka, etlaba ke ya boshudu ho nna.


Yaba ka lona tsatsi leo o kgetha dipodi tse tona kaofela tse tshasa le tse thobosha, le dipodi tse tshehadi kaofela tse tshasana le tse thoboshana, le tsohle tse nang le bosuwana, le tse kgunwana hara dinku, a di nea bara ba hae matsohong.


Ya na ya re mohla dinku di itlhokisang, ka lelatsa mahlo a ka, ka tadima ke ntse ke lora, ka bona dipheleu tse hlokang dinku e le tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo.


Mohla a neng a re: Moputso wa hao e tla ba tse tshasana, mehlape kaofela e ne e tswala tse tshasana; mohla a reng: Tse thoboshana e tla ba moputso wa hao, eba dinku kaofela di ne di itswalla tse thoboshana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios