19 Lea a boela a emola, a tswalla Jakobo mora wa botshelela.
19 Lea ya eba moimana hape, mme a tswalla Jakobo mora wa botshelela.
Labane o ne a na le baradi ba babedi, lebitso la e moholo e le Lea, lebitso la e monyenyane e le Ragele.
Lea a re: Jehova o nneile moputso wa me, kamoo ke neileng monna wa me lekgabunyane la me. A mo rea lebitso la Issaskare (moputso).
Yaba Lea o re: Modimo o ntshitsitse ka neo e ntle; jwale, monna wa me o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng. Mme a mo rea lebitso la Sabulone (moaho).
Bara ba Sabulone: Serede, le Elone, le Jahleele.
Moeding wa Issaskare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Sabulone.
Bara ba Sabulone, ka matlo a bona, ke bana: ka Serede ho hlahile ntlo ya Baserede; ka Elone ntlo ya Baelone; ka Jahaleele ntlo ya Bajahaleele.