7 mme Jakobo a utlwile ntatae le mmae, a ile Paddan-Arame;
7 le hore Jakobo o mametse ntatae le mmae, ka ho ya Padane-Arame.
Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.
Jwale, mora wa ka, mamela lentswe la ka: o tlohe, o ipalehele Harane ho kgaitsedi ya ka, Labane;
Yare ha Esau a bona hoba Isaaka o hlohonolofaditse Jakobo, o mo rometse Paddan-Arame hore a inkele mosadi teng, le hoba, eitse ha a mo hlohonolofatsa, o mo laetse, a re: O se ke wa inkela mosadi wa baradi ba Kanana;
yaba Esau o lemoha hoba baradi ba Kanana ba babe mahlong a Isaaka, ntatae.
Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Mora wa ka, mamela thuto ya ntatao, o se ke wa furalla tayo ya mmao;
Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.
E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
Bana, utlwang batswadi ba lona Moreneng; hobane ke ntho e lokileng.
o tle o be le lehlohonolo, mme o phele halelele lefatsheng.
Bana, utlwang batswadi ba lona nthong tsohle; hobane ke taba e kgahlisang Morena.