Ke le mohlanka wa hao, ke sa le Geshure wa Siria, nkile ka hlapanya ka kano, ka re: Ha Jehova a ka mpusetsa hantle Jerusalema, ke tla sebeletsa Jehova.
Mefiboshethe, mora Saule, le yena a tla kgahlanyetsa morena: o ne a sa ka a itlhatswa maoto, leha e le ho lokisa ditedu tsa hae, leha e le ho hlatswa diaparo tsa hae haesale morena a tloha, ho fihlela a ba a kgutla ka kgotso.
Yaba Naamane o re: Ha ho le jwalo, o dumelle mohlanka wa hao a newe shoba tsa mobu o lekanang diesele tse pedi. Hobane mohlanka wa hao ha a sa tla etsetsa modimo osele setjheso, leha e le sehlabelo, haese Jehova feela.
Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.
O tiisitse kajeno hoba Jehova ke Modimo wa hao, le hoba o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, mme o utlwe lentswe la hae.
motho ya tla tswa menyakong ya ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa, mohla ke kgutlang ka kgotso ke hlotse bana ba Ammone, e tla ba wa Jehova, mme ke tla mo etsa setjheso.