Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 28:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jakobo o phaphama borokong ba hae, a re: Kannete Jehova o teng nqalong ena, kanthe ke sa tsebe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Yaba Jakobo o phaphama borokong, o re: “Ruri Modimo o teng sebakeng sena; feela ke ne ke sa tsebe.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 28:16
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.


Leha ho le jwalo, Modimo o bua ka mokgwa o mong, o ntoo bua ka o mong hape, empa ha ho lemohe motho.


Bona, o tla ho nna, mme ha ke o bone; o feta pela ka, mme ha ke o lemohe.


Nka ya kae, ka ba hole le moya wa hao? Nka balehela kae, ka ba hole le sefahleho sa hao?


Modimo, o a tshabeha o le sehalalelong sa hao! Ke Modimo wa Iseraele o neang setjhaba sa wona matla le borena. Modimo a o rokwe!


Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.


Eitse ha Jehova a bona hobane o fapoha ho tla sheba, Modimo wa mmitsa o le hara sehlahla, wa re: Moshe! Moshe! A re: Ke nna enwa.


Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang.


Kgethang lebitso la Jehova wa makgotla feela, e be yena feela le mo tshabang, le mo tshohang.


Bakeng sa tseo ka phaphama, mme ka tadima; boroko bo ne bo le monate ho nna.


A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.


Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?


Molaodi wa makgotla a Jehova a re ho Joshua: Rola dieta tsa hao maotong a hao, etswe nqalo eo o emeng ho yona e kgethehile. Mme Joshua a etsa jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos