Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 27:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

40 O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 27:40
17 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!


Manqosa a boela ho Jakobo, a re: Re ile ra fihla ho moholwane wa hao, ho Esau, mme o bile o a tla ho o kgahlanyetsa a na le batho ba makgolo a mane le yena.


Esau a re: Ke se ke na le tse ngata, ngwaneso; tsa hao e be tsa hao!


A bea bahlabani Edomo; kahohle Edomo, a bea bahlabani, le Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Ho hlola, o fela o hlotse Baedomo, mme pelo ya hao e ikakasitse; o ithorise kahoo, o mpe o dule ha hao; na o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?


A bolaya Baedomo ba dikete tse leshome, Thoteng ya Letswai; a nka Sela ka ntwa, a o rea lebitso la Joktheele (o hapilweng ke Jehova); le kajeno ke lona.


Leha ho le jwalo, Baedomo ba fetohela Juda ho fihlela tsatsi lena. Mehleng yona eo, mose wa Libna le wona wa mo fetohela, kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Mehleng ya hae, Baedomo ba fetohela mmuso wa Juda, mme ba ipehela morena.


Hobane Baedomo ba ne ba boetse ba tlile le bona, ba qhala Bajuda, ba ya le batshwaruwa ba bang.


Moabe ke morifi oo ke hatlelang ho wona; ke akgela seeta sa ka hodima Edomo; wena, naha ya Bafilesta, phahamisa mehoo ya thabo ka baka la ka.


Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho romela kgotso lefatsheng; ha ke a tla ho romela kgotso, empa e le lerumo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos