Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 24:60 - Sesotho 1909/1961 (SO)

60 Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

60 Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:60
15 Referencias Cruzadas  

Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.


A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


Mme ke tla mo hlohonolofatsa, hape ke tla o fa mora ka yena; mme ke tla mo hlohonolofatsa, e tla ba mma ditjhaba, mme marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.


ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Rebeka a tloha le makgabunyane a hae, mme ba palama dikamele, ba sala monna eo morao; mme mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya.


Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.


Jakobo a ikela ka tsela ya hae, mme mangeloi a Modimo a mo kgahlanyetsa.


Yaba o ba hlohonolofatsa ka tsatsi leo, a re: Iseraele o tla nne a hlohonolofatse ka wena, a re: Modimo o o etse jwaloka Efraime le jwaloka Manasse. A bea jwalo Efraime ka pele ho Manasse.


Yaba Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, wa re ho bona: Atang, le ngatafale, le tlale lefatsheng.


Nyalang basadi, le tswale bara le baradi; le nyadise bara ba lona basadi, le batlele baradi ba lona banna, ba tle ba tswale bara le baradi, le tle le anafale teng, le se ke la boba.


Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.


le tla ba siya ka mokgwa wa lefa ho bara ba lona kamora lona, e be leruo; le tla ba boloka ka ho sa feleng tshebeletsong ya lona jwaloka makgoba. Empa haele ka banababo lona, e leng bana ba Iseraele, ho se be motho ya busang ka thata hodima ngwanabo.


ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse wa habo, kgorong ya motse wa habo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos