Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 24:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Yare ke eso ho qete ho bua ka pelong ya ka, ka tshoha Rebeka a etswa, a na le nkgo lehetleng; a theohela sedibeng, a kga; yaba ke re ho yena: Ako mphe, ke nwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

45 “Yare ke eso qete ho bua ka pelong ya ka, ka bona Rebeka a etla, a beile nkgo lehetleng la hae, mme a theohela ka sedibeng, a kga metsi. Yaba ke re ho yena: ‘Ke a o rapela, ako mphe metsi ke nwe.’

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:45
14 Referencias Cruzadas  

mme a re ho nna: Inwelle wena, mme le dikamele tsa hao ke tla di kgella; e ke e be yena mosadi eo Jehova a mo laoletseng mora wa mong a ka!


Hobane, oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao wa re: Ke tla o hahela ntlo. Ke ka baka lena, ke le mohlanka wa hao, ke betileng pelo ho bea thapelo ena ho wena.


Yaba morena o re ho nna: Kopo ya hao o kopang?


Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Morena, ako mamele! Morena, o tshwarele! Morena, o ele hloko, o etse! Se diehe, ka baka la hao, Modimo wa ka, etswe motse wa hao le setjhaba sa hao di bitsitswe ka lebitso la hao!


Eitse ha o sa qala ho rapela, lentswe la tswa leo ke tlileng ho o tsebisa lona, hobane o ya ratwang. Ela lentswe hloko, o utlwisise pono.


Kopang, mme le tla newa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.


Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang;


Hape, le wona Moya o re tlatsa mefokolong ya rona; hobane ha re tsebe seo re tshwanetseng ho se kopa ka tshwanelo; empa Moya wona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos