Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 24:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Yare hobane a bone lesale, le mefitshana matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwe le dipolelo tsa Rebeka, kgaitsedi ya hae, ha a re: Monna o buile le nna ka hore hoitseng; a ya ho monna eo, a mmona a sa ntse a dutse ho dikamele pela sediba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Ha Labane a bona lesale le dipetja tse matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae, Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile tjena le tjena ho nna,” a ya ho monna eo; a mo fumana a eme pela dikamele, sedibeng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:30
7 Referencias Cruzadas  

Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,


Rebeka o ne a na le kgaitsedi, lebitso la hae e le Labane. Yaba Labane o a tswa, a mathela kantle ho monna sedibeng.


A re: Tloo, mohlohonolofatsuwa wa Jehova! O duletseng kantle na, kanthe ke se ke lokisitse ntlo le sebaka sa dikamele?


le masale a mmofa, le mefitshana, le masira a kase,


Na morwetsana a ka lebala mekgabo ya hae, kapa monyaduwa a ka lebala senyepa sa hae? Empa setjhaba sa ka se ntebetse ka ditshiu tse sa balweng.


Mme hona teng ho ne ho ena le modumo wa letshwele le dutseng le iketlile; hape, kantle ho batho ba neng ba etswa ditjhabeng, ho ne ho latilwe dinoi nahathothe; mme tsa ba rwesa mefitshana matsohong, le meqhaka ya kgabiso dihloohong.


A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos