Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 24:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba mohanka o matha, a mo kgahlanyetsa, a re: Ako mphe hle metsinyana a nkgo ya hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Yaba mohlanka o mathela ho yena ho mo kgahlanyetsa, o re: “Ke a o rapela, ako mphe metsinyana nkgong ya hao ke nwe.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:17
10 Referencias Cruzadas  

Yare ke eso ho qete ho bua ka pelong ya ka, ka tshoha Rebeka a etswa, a na le nkgo lehetleng; a theohela sedibeng, a kga; yaba ke re ho yena: Ako mphe, ke nwe.


Ebile o tloha, a ya Sarepta; ha a kena ka kgoro ya motse, a bona teng mosadi wa mohlolohadi ya rwallang patsi; a mmitsa, a re: Ako ntlisetse metsana ka mohope, ke nwe.


Isang metsi ho ba nyorilweng! Ba ahileng Thema ba nke dijo ho ya kgahlanyetsa ka tsona ba balehang.


Mme hodima thaba e nngwe le e nngwe e phahameng, le hodima leralla le leng le le leng le hodileng, melatswana e tla ba teng ya metsi a phallang, mohla letsatsi la polao e kgolo, mohla ditora di wang.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


Jwale mosadi e mong wa Samaria a tla kga metsi, Jesu a re ho yena: Mphe, ke nwe.


Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos