Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 23:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Kamora tseo, Abrahama a pata Sara, mosadi wa hae, lehaheng la tshimo ya Makpela e pela Mamre, e leng Hebrone, naheng ya Kanana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Kamora tsena Aborahama a epela mosadi wa hae Sara ka lehaheng la tshimo ya Makapela, e pela Mamore, e leng Heborone e naheng ya Kanana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 23:19
14 Referencias Cruzadas  

hore e tla ba leruo la Abrahama pontsheng ya bara ba Hethe le ya bohle ba fetang kgorong ya motse wa hae.


Tshimo le lehaha le ho yona tsa tiiselletswa Abrahama ke bana ba Hethe, hore e be setsha sa hae sa ho epela.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.


ke mpe ke phomole le bontate; o ntlose Egepeta, o ye ho mpata mabitleng a bona. A re: Ke tla etsa jwalokaha o boletse.


Bara ba hae ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo pata lehaheng la tshimo ya Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tshimo, hore e be setsha sa hae sa mabitla, ho Efrone, Mohete, ka nqa botjhabela ho Mamre.


Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.


Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.


mohla batho ba tla tshaba ho ya dinqalong tse phahameng, mme ho tla tsamauwa ditseleng ka ho tshoha; mohla amanda e tla palesa, le tshitwe e tla kgathatsa, le dijo di tla kgobohela motho, hobane o se a ikela tlung ya hae e sa feleng, mme balli ba potoloha lepatlelong;


lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.


Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos