Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 21:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ba hlaba selekane jwalo Beerseba; yaba Abimeleke o tloha le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba kgutlela lefatsheng la Bafilesta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Ba etsa selekane Beeresheba jwalo. Yaba Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba a tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita.

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:32
12 Referencias Cruzadas  

le Bapatrusime, le Bakasluhime, bao Bafilesta ba tswileng ho bona, le Bakaftorime.


Yaba ho fihla mobalehi e mong, a bolella Abrame, Moheberu, ya ahileng dieikeng tsa Mamre, Moamore, ngwanabo Eshkole le Anere, ba neng ba ena le selekane le Abrame.


Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo, a di nea Abimeleke, mme ba hlaba selekane ba babedi.


Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Beerseba, kahobane ba hlapantse teng ba babedi.


Abrahama a hloma difate Beerseba, mme a rapela teng lebitso la Jehova, Modimo wa kamehla yohle.


A rua mehlape ya manku, le mehlape ya makgomo, le bahlanka ba bangata, Bafilesta ba ba ba mo honohela.


Yare ha Isaaka a se a ahetse teng haleletsana, Abimeleke, morena wa Bafilesta, a tadima ka fenetere, mme a tshoha a bona Isaaka a ntse a bapala le Rebeka, mosadi wa hae.


Tloo he jwale, re hlabe selekane, nna le wena, e be bopaki pakeng tsa ka le wena.


Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.


Eitse hoba Faro a lokolle setjhaba, Modimo ha o a ka wa ba tsamaisa ka tsela ya naha ya Bafiliseta, leha e ne e le haufi; hobane Modimo wa na wa re: E se re mohlomong setjhaba sa kweneha ha se bona ntwa, mme sa boela Egepeta.


Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bafilesta ka dilemo tse mashome a mane.


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos