28 Abrahama a bea dithole tsa dinku tse supileng ka hosele.
28 Aborahama a kgetha le dikonyana tse supileng, tse tshehadi, mohlapeng wa hae, a di beela kathoko.
Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo, a di nea Abimeleke, mme ba hlaba selekane ba babedi.
Yaba Abimeleke o re ho Abrahama: Dithole tsee tse supileng, tseo o di beileng kathoko, di reng na?
A re: Ke ho re, dinku tsena tse supileng o di amohele letsohong la ka, e tle e be bopaki ba ka ba hore ke nna ke tjhekileng sediba sena.