Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 20:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Abrahama o rapela Modimo, mme Modimo wa fodisa Abimeleke, le mosadi wa hae, le makgabunyane a hae, mme ba nna ba tswala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 20:17
18 Referencias Cruzadas  

Empa Jehova a otla Faro le ntlo ya hae ka dikotlo tse kgolo ka baka la Sarai, mohatsa Abrame.


Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.


Jehova a bona hoba Lea o hloilwe, mme a mo thibolla popelo: empa Ragele ya eba nyopa.


ba tle ba tsebe ho ntshetsa Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate; hape ba rapelle ho phela ha morena le ha bara ba hae.


Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.


Jehova o hole le ba babe; empa o utlwa merapelo ya ba lokileng.


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Ho itswe ke Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, Mmopi wa hae: Na ke tla botswa tse tlang ho tla? Na ke tla laelwa bakeng sa bana ba ka, le bakeng sa mosebetsi wa matsoho a ka na?


Yaba Moshe o hooeletsa ho Jehova, a re: Oho Modimo, ke a o rapela, mo fodise hle!


Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.


Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, ha le dumela, le tla se newa.


Kopang, mme le tla newa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.


Le hona baporofeta kaofela, ho qala ka Samuele, le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng ba porofetile mehla ena.


Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos