Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 18:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A re: Bona hle, ke betile pelo ho bua le Morena: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mabedi feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba mashome a mabedi bao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Aborahama a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena. Ere mohlomong ho ka fumanwa ba mashome a mabedi teng?” Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba mashome a mabedi ha ke na ho o timetsa.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:31
10 Referencias Cruzadas  

Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.


A re: Oho! Morena a se ke a halefa, ha ke ntse ke bua. Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mararo feela. Mme a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mararo, nke ke ka etsa.


A re: Oho! Morenaka a se ke a halefa, mme ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.


Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!


Kopang, mme le tla newa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.


ke re ho lona: Leha a ne a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motswalle wa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ya hae.


Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!


Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.


Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos