Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esthere 9:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke kahoo ba reileng matsatsi ao Purime, ka lebitso la Pure. Ka baka leo, eitse hobane ba bale taba tsohle tsa lengolo leo, le ho bona seo ba se boneng, le se ba hlahetseng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ka baka lena, matsatsi ao a bitswa hore ke a Purime, ho latela lebitso lena la Pure. Dipolelo tsa lengolo lena, le tseo ba di boneng, le tse ba hlahetseng,

Ver Capítulo Copiar




Esthere 9:26
5 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.


Mordekai a ngola ditaba tseo, mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, ho ba leng haufi le ho ba leng hole,


Taelo ya Esthere ya tiisa taba tseo tsa Purime, mme tsa ngolwa jwalo bukeng.


Tsatsing leo, ke tla nea Gogo setsha sa mabitla Iseraeleng, kgohlong ya baeti, ka nqa botjhabela ho lewatle, mme se tla thiba tsela ya baeti. Ke hona moo ho tla epelwa Gogo le bongata bohle ba hae, lebitso la teng le tla rewa Kgohlo ya bongata ba Gogo.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos